YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 12

12
Puso ya Jowashe, kgosi ya Juda
(2 Dik. 24:1-16)
1Jowashe o ne a qale ho busa ka selemo sa bosupa sa puso ya Jehu, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae ne e le Sebiya, eo hahabo e neng e le Beeresheba. 2Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle eo moprista Jehoyada a neng a ntse a mo tataisa ka yona; 3feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng.
4Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo; 5lona baprista, le e bokelle ho batho bao le ba tsebang, le inkele yona; feela le thibe mapatso a Tempele ya Morena hohle moo a leng teng.”
6Empa ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya kgosi Jowashe, baprista ba ne ba eso ka ba thiba mapatso a Tempele ya Morena. 7Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.” 8Baprista ba dumela hore ha ba sa tla hlola ba amohela tjhelete e tswang setjhabeng, le hore ha ba sa tla hlola ba thiba mapatso a Tempele.
9Yaba moprista Jehoyada o nka letlole, o phunya lesoba hodima sekwahelo sa lona, o le bea pela aletare, ka letsohong le letona ha motho a kena ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba lebelang monyako ba ne ba kenya tjhelete yohle e neng e tliswa Tempeleng ya Morena, ka letloleng leo. 10E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng. 11Hoba ba e bale, ba ne ba ye ba e nee ba okametseng mosebetsi wa Tempele ya Morena; baokamedi bana bona ba lefe batho ba neng ba betla difate, le dihahi tse neng di haha Tempele ya Morena. 12Ba ne ba lefa le ba betlang majwe, le ba a thuang; ba reka difate le majwe a thuilweng, ho tla thiba mapatso a Tempele ya Morena, le ho phetha tsohle tse amanang le mosebetsi wa ho ntjhafatsa Tempele.
13Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera. 14Tjhelete eo ba e nea basebetsi, mme ba ntjhafatsa Tempele ya Morena ka yona. 15Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala. 16Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.
17Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema. 18Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.
19Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda. 20Bahlanka ba hae ba mo rera ba mmolaela tlung ya Milo, tseleng e theohelang Silla. 21A bolawa ke bahlanka ba hae, bo-Josakara, mora wa Shimate, le Jehosabada, mora wa Shomere, mme a shwa. A epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, mme Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy