YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 13

13
Puso ya Jehowakase, kgosi ya Iseraele
1Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Jowashe, mora wa Akasiya, kgosi ya Juda, Jehowakase, mora wa Jehu, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng. 2A etsa bobe mahlong a Morena, a etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a se ke a di tlohela. 3Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele.
4Yaba Jehowakase o rapela Morena, mme Morena a mo utlwa, kaha a ne a bona kamoo Baiseraele ba neng ba hateletswe kateng, hobane kgosi ya Arame e ne e ba hateletse. 5Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele. 6Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria.
7Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa.
8Diketso tse ding tsa Jehowakase, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. 9Jehowakase a shwa, mme a epelwa Samaria. Jehowashe, mora wa hae, a mo hlahlama.
Puso ya Jehowashe, kgosi ya Iseraele
10Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng. 11A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsohle tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a phela ka tsona.
12Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. 13Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.
Lefu la Elisha
14Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”
15Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu!” Kgosi ya nka seqha le metsu. 16Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “Hula seqha!” Kgosi ya hula seqha, Elisha a beile matsoho a hae hodima matsoho a kgosi.
17Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!”
18Elisha a re: “Nka metsu!” Kgosi ya e nka. A boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Betsa fatshe!” Kgosi ya betsa fatshe hararo, ya nto emisa. 19Moporofeta wa Modimo a e halefela, a re ho yona: “O ne o tshwanetse ebe o betsitse hahlano kapa hatshelela! O ne o tla hlola Baarame ho fihlela o ba timetsa. Empa jwale o tla ba hlola hararo feela!”
20Elisha a shwa, mme a epelwa.
Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha. 21Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.
Jehowashe o hlola Bene-Hadade
22Hasaele, kgosi ya Arame, a hatella Baiseraele ka matsatsi wohle a puso ya Jehowakase. 23Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.
24Hasaele, kgosi ya Arame, a shwa, mme Bene-Hadade, mora wa hae, a mo hlahlama. 25Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy