YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 11

11
Ataleya o bolaya ba lelapa la kgosi ya Juda
(2 Dik. 22:10-12)
1Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi. 2Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe. 3Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosheba a pata Jowashe ka Tempeleng ya Morena.
Jowashe o etswa kgosi
(2 Dik. 23:1-11)
4Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi. 5Yaba o a ba laela, o re: “Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, se tla lebela le ntlo ya kgosi. 6Sehlopha sa bobedi se tla lebela kgorong ya Sure, sa boraro sona se lebele kgorong e kamorao ho ntlo ya balebedi. Le tla lebela ntlo ya kgosi ho e sireletsa. 7Dihlopha tsa lona tse pedi, tse phomolang ka Sabatha, di tla lebela Tempele ya Morena, di sireletse kgosi. 8Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”
9Balaodi ba ba makgolo ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng; motho le motho a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha, le ba phomolang ka Sabatha, ba ya ho moprista Jehoyada. 10Moprista a nea balaodi ba ba makgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Morena. 11Balebedi ba ema ba teetse kgosi hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae; theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ba potapota Tempele le aletare.
12Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”
Lefu la Ataleya
(2 Dik. 23:12-15)
13Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa balebedi le tsa setjhaba, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena. 14Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”
15Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.” 16Yaba ba a mo tshwara, ba mo ntsha ka tsela ya dipere, e kenang ka tlung ya kgosi, mme ba mmolaela hona moo.
Jehoyada o etsa diphetoho
(2 Dik. 23:16-21)
17Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba. 18Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare.
Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi. 19Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi. 20Kamora hoba Ataleya a bolaelwe pela ntlo ya kgosi ka sabole, setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso.
21Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy