YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 31

31
Lefu la Saule le bara ba hae
1Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa. 2Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule. 3Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.
4Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.”
Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona. 5Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, ba shwa bobedi. 6Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.
7Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.
8Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa. 9Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa seaparo sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita, ho phatlalatsa taba ena ka ditempeleng tsa medimo ya bona ya bohata, le hara setjhaba sohle. 10Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane.
Saule o a epelwa
11Ha baahi ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule, 12banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng. 13Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamarisika se Jabeshe, ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

Currently Selected:

1 SAMUELE 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy