YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 30

30
Sikelage e a ripitlwa
1Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo, 2ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona.
3Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa. 4Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla. 5Basadi ba Davida ba babedi, e leng Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele, le bona e ne e le bathopuwa.
6Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.
7Yaba Davida o re ho moprista Abiatare, mora wa Ahimeleke: “Ako ntlisetse setipe!” Kahoo Abiatare a tlisetsa Davida setipe. 8Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?”
Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”
Davida o phallela Baamaleke
9Kahoo Davida a ya, a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, mme ba fihla molatswaneng wa Besore, moo ba kgathetseng ba ileng ba sala teng. 10Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala.
11Ba fumana monna wa Moegepeta a le hara naha, ba mo isa ho Davida, ba mo fa bohobe, a ja; ba mo fa le metsi, a nwa. 12Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.
13Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?”
Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula. 14Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”
15Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?”
Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.”
16Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.
Baamaleke ba hlatsiswa kgapo
17Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha. 18Davida a kgutlisa tsohle tse neng di hapilwe ke Baamaleke, a ba a lopolla le basadi ba hae ba babedi. 19Ba fumana tsohle di ntse di le kaofela: Bara le baradi, le kgapo, le eng kapa eng eo Baamaleke ba neng ba e hapile. Davida a ba hlatsisa tsena tsohle. 20Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!”
Ho arolelanwa kgapo
21Jwale Davida a fihla ho banna ba makgolo a mabedi, ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho mo latela, mme ba sala molatswaneng wa Besore. Banna bao ba ya kgahlanyetsa Davida le batho bao a neng a ena le bona. Ha Davida a atamela pela banna bao a ba dumedisa. 22Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”
23Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona. 24Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.” 25Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno.
Davida o hapisa ba morabe wa Juda
26Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”
27E ne e le mpho ya ba Bethele, le ba ka borwa ho Ramote, le ba Jatire, 28le ba Arowere, le ba Sifemoto, le ba Eshetemoa, 29le ba Rakale, le ba metseng ya Bajerahemeele, le ba metseng ya Bakene, 30le ba Horema, le ba Bore-Ashane, le ba Atake, 31le ba Heborone, le ba dibaka tsohle tseo Davida le banna ba hae ba kileng ba hlwahlwaela ho tsona.

Currently Selected:

1 SAMUELE 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy