YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 16

16
Mpho e etsetswang badumedi ba Jerusalema
1Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia. 2Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle. 3Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema. 4Haeba ho hlokeha hore le nna ke ye, ke tla ya le bona.
Merero ya maeto
5Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia. 6Mohlomong ke tla hlola le lona, ke qete mariha, le tle le nthuse ho tswela pele maetong a ka. 7Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata. 8Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta, 9hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.
10Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna. 11Ho se be ya mo nyedisang, le mpe le mo fetisetse ho nna ka kgotso, hobane nna le bana babo rona re mo lebeletse.
12Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.
Kopo ya ho qetela le ditumediso
13Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang. 14Etsang tsohle ka lerato.
15Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi. 16Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona. 17Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona. 18Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.
19Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akulase le Prisilla le kereke e kenelang ha bona ba le dumedisa haholo Moreneng. 20Bana babo rona bohle ba a le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.
21Ke nna Paulosi ya ngotseng ditumediso tsena ka letsoho la ka.
22Haeba ho ena le ya sa rateng Morena, a ke a rohakehe. Marana tha! Morena, tloo!
23Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona.
24Lerato la ka le be le lona bohle ho Kreste Jesu.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy