YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 15

15
Tsoho ya Kreste bafung
1Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, 2oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
3Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, 4le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro. 5O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi. 6Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele. 7A nto iponahatsa ho Jakobo, kamorao ho moo ho baapostola kaofela. 8Qetellong, kamorao ho bohle, a iponahatsa ho nna, ya jwaloka sefolotsana.
9Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo. 10Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna. 11Jwale leha e le nna kapa bona, re ruta jwalo, le lona le dumela jwalo.
Tsoho ya bafu
12Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo? 13Haeba tsoho ya bafu ha e yo, le Kreste ha a ya tsoha bafung, 14mme haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, thuto ya rona le tumelo ya lona ke lefeela. 15Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa. 16Haeba bafu ba sa tsohe, le yena Kreste ha a ya tsoha. 17Jwale haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, tumelo ya lona ke lefeela, le sa ntsane le le dibeng tsa lona. 18Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse. 19Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.
20Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng. 21Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho. 22Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste. 23E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang. 24Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle, 25hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae. 26Lefu ke sera sa ho qetela se tla fediswa. 27Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste. 28Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.
29Haeba ho sa be jwalo, ba kolobetswang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu? 30Rona ke ka baka lang re leng kotsing ka nako tsohle? 31Bana beso, ke tjametswe ke lefu ka matsatsi wohle! Ke bolela hona ke ithorisa ka lona ho Jesu Kreste Morena wa rona. 32Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe,
“a re jeng, re inwelleng,
hobane hosasane
re tla be re shwele.”
33Le se ke la ithetsa.
“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.”
34Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
Mmele wa ba tsohileng bafung
35Empa e mong o tla re: “Bafu ba tla tsoha jwang? Ka mmele o jwang?” 36Sethoto towe! Seo o se jalang se ke ke sa mela, ha se sa shwe pele. 37Ha o jala, ha o jale semela, empa o jala tlhaku feela, ya koro kapa ya mofuta o mong. 38Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku. 39Mefuta ya nama ha e tshwane; ho na le nama ya batho, le ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya ditlhapi. 40Ho na le dibopuwa tsa lehodimo le tsa lefatshe, empa kganya ya tsa lehodimo ha e tshwane le kganya ya tsa lefatshe. 41Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.
42Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o jalwa e le o bolang, o tla tsoha e le o sa boleng. 43O jalwa e le o eisehang, o tla tsoha e le o tlotlehang. O jalwa e le o fokolang, o tla tsoha e le o matla. 44O jalwa e le wa nama, o tla tsoha e le wa moya.
Ha e le mona mmele o le teng oo e leng wa nama feela, le wona wa moya o teng, 45hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang. 46Se bileng teng pele hase sa moya, ke sa nama; ha nto hlaha sa moya. 47Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong. 48Bao e leng ba lefatshe ba tshwana le wa lefatshe, athe bao e leng ba lehodimo ba tshwana le wa lehodimo. 49Jwalokaha re futsitse wa lefatshe, eka kgona re futse le wa lehodimo.
50Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng. 51Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha, 52hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha. 53Eka kgona se bolang sena se apare ho se bole, le se shwang sena se apare ho se shwe. 54Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng:
“Lefu le fedisitswe,
la hlolelwa ruri.
55Wena lefu,
tlholo ya hao e hokae?
Wena lefu,
motsu wa hao o hokae?”
56Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao. 57Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.
58Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy