YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 23

23
Mesebetsi ya Balevi
1Ha Davida a se a hodile, e se e le mobu, a bea mora wa hae Solomone hore e be kgosi ya Baiseraele.
2Davida a phutha mahosana wohle a Baiseraele, le baprista, le Balevi. 3Ha balwa Balevi ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo. Palo ya bona, ha ba balwa ka bomong, ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e robedi. 4Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi. 5Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.
6Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.
Ba morabe wa Gereshone
7Bara ba Gereshone e ne e le Ladane le Shimei. 8Bara ba Ladane ba ne ba le bararo: Letsibolo e ne e le Jehiele, a hlahlangwa ke Setame, le Joele. 9Bara ba Shimei le bona ba ne ba le bararo, e le Shelomite, le Hasiele, le Harane. Bana e ne e le dihlooho tsa lelapa la Ladane. 10Bara ba Shimei ba ne ba le bane, e le Jahate, le Sisa, le Jeushe, le Beriya. 11Jahate e ne e le yena hlooho, a hlahlangwa ke Sisa. Jeushe le Beriya ha ba a ka ba eba le bana ba bangata; ka baka leo, ba balellwa mmoho ho phetha mosebetsi o le mong.
Ba morabe wa Kohate
12Bara ba Kohate ba ne ba le bane, e le Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. 13Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla. 14Bara ba Moshe, mohlanka wa Modimo, bona ba ile ba balellwa le ba morabe wa Levi. 15Bara ba Moshe e ne e le Gereshome, le Eleesere. 16Hlooho ya bara ba Gereshome e ne e le Shebuele; 17ya bara ba Eleesere e le Rehabeya. Eleesere o ne a se na bara ba bang, empa bara ba Rehabeya ba ne ba le bangata haholo. 18Hlooho ya bana ba Isihare e ne e le Shelomite. 19Letsibolo la Heborone e ne e le Jeriya, mora wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame. 20Ho bara ba Usiele letsibolo e ne e le Mmika, wa bobedi e le Jeshia.
Ba morabe wa Merari
21Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; ba Mahele e le Eleasare le Kishe. 22Eleasare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela. Bana babo bona, e leng bara ba Kishe, ba ba nyala. 23Bara ba Mushi ba ne ba le bararo, e le Mahele, le Edere, le Jeremote.
24Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 25Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.” 26Ho tloha nakong eo, ha se ke ha hlola ho sa hlokahala hore Balevi ba jare Leaho le tsohle tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona. 27Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
28Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena. 29Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho. 30Hape mosebetsi wa bona e ne e le ho tsoha hoseng ba leboha Morena, mme ba mo rorisa, ba etsa jwalo le mantsiboya; 31leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao.
32Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy