YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 22

22
1Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.”
Boitokisetso ba ho haha Tempele
2Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo. 3A bokella le tshepe e ngata, e tla etsa dipekere tsa mamati a menyako, le tsa manonyeletso a wona, le lethose le lengata hoo le neng le ke ke la lekanngwa. 4A fana le ka difate tsa kedare tse se nang palo, hobane Basidone le Batire ba ne ba ile ba mo tlisetsa difate tse ngata tse kedare.
5Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.
6Jwale Davida a bitsa Solomone, mora wa hae, mme a mo laela ho hahela Morena Modimo wa Iseraele, Tempele. 7Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele. 8Empa polelo ya Morena e ile ya fihla ho nna, ya re: ‘O tsholotse madi a mangata, o lwanne dintwa tse kgolo. Ka baka lena, o ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o tsholotse madi a mangata pontsheng ya ka. 9Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso. 10Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.’
11“Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa. 12Morena a ke a o fe bohlale le kutlwisiso, a etse hore o buse Baiseraele, o tle o tsebe ho boloka molao wa Morena Modimo wa hao. 13Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.
14“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa. 15Etswe o na le basebetsi ba bangata: ba thuang majwe, le ba a betlang, le ba betlang mapolanka, le mefuta yohle ya ditsebi tsa mesebetsi yohle. 16Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”
17Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona: 18“Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae. 19Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.”

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy