YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 14

14
Mesebetsi ya Davida ha a le Jerusalema
(2 Sam. 5:11,12)
1Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo. 2Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.
Bana ba Davida ba tswaletsweng Jerusalema
(2 Sam. 5:13-16; 1 Dik. 3:5-9)
3Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata. 4Ana ke mabitso a bana ba Davida, bao a ileng a ba tswala ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone, 5le Jibehare, le Eleshua, le Elepalete, 6le Noga, le Nefege, le Jafia, 7le Eleshama, le Beleada, le Elefelede.
Bafilesita ba a hlolwa
(2 Sam. 5:17-25)
8Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa. 9Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime. 10Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?”
Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.”
11Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime. 12Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe.
13Bafilesita ba boela ba shatamana ka kgohlong. 14Ka baka leo, Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo a re ho yena: “O se ke wa ba futuhela o ba setse morao; o ba pote ka nqane, o ba futuhele o hlaha ka difateng tsa monokotshwai. 15E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.” 16Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere.
17Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy