YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 13

13
Areka ya selekane e tloswa Kiriate-Jearime
1Davida a rerisana le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba ba makgolo, le mookamedi e mong le e mong wa mabotho. 2Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano. 3Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.” 4Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile.
5Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime. 6Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona.
7Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo. 8Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.
9Ha ba fihla seotlong sa Kidone, Usa a nanabetsa letsoho, a tshwara areka, hobane dipholo di ne di kgothometseha. 10Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo.
11Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; ka baka leo, yaba sebaka seo se rewa lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.
12Ka lona letsatsi leo, Davida a tshaba Modimo, mme a re: “Ekaba areka ya Modimo ke tla e isa jwang ha ka?” 13Yaba Davida ha a sa isa areka eo ha hae, Motseng wa Davida, o se a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate. 14Areka eo ya Modimo ya qeta kgwedi tse tharo e le moo ha Obede-Edomo, ka tlung ya hae. Morena a hlohonolofatsa lelapa la Obede-Edomo le tsohle tseo a neng a ena le tsona.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy