YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 146

146
Thoko e rokang Modimo ka ho re, ke wona o nnotshi o tsebang ho namola.
1Bokang Jehova!
Moya wa ka, o rorise Jehova! 2Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng! 3Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho! 4Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile. 5Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!
6O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng. 7O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa; 8Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng. 9Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.
10Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle. Bokang Jehova!

Currently Selected:

DIPESALEME 146: SSO61-SO

Highlight

Copy

Compare

Share

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in