1
DIPESALEME 146:5
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!
Compare
Explore DIPESALEME 146:5
2
DIPESALEME 146:3
Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!
Explore DIPESALEME 146:3
3
DIPESALEME 146:7-8
O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa; Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.
Explore DIPESALEME 146:7-8
4
DIPESALEME 146:6
O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng.
Explore DIPESALEME 146:6
5
DIPESALEME 146:9
Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.
Explore DIPESALEME 146:9