YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEME 129

129
Ba hloileng Sione ba tla fela.
Sefela sa Mahalothe.
1Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo, 2— Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola. 3Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele. 4Jehova o lokile, o kgaotse mehala ya ba babe.
5A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione. 6A ba ke ba be jwaloka jwang bo melang marulelong, bo omellang bo eso ho hole; 7mohedi a ke ke a tlatsa letsoho la hae ka jona, ya tlamang mangata a ke ke a bo jara; 8le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!

Currently Selected:

DIPESALEME 129: SSO61-SO

Highlight

Copy

Compare

Share

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in