YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 3

3
Jesu o fodisa ka Sabatha motho ya letsoho le omeletseng.
1 Jesu a boela a kena sinagogeng, mme motho o ne a le teng moo ya omeletseng letsoho. 2Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose. 3Yaba Jesu o re ho motho ya letsoho le omeletseng: Ema mona, hare. 4A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa. 5A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng. 6Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.
O fodisa ba bangata.
7Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea, 8le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo. 9A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela. 10Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame. 11Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo. 12Mme o ne a e laya haholo, hore e se ke ya mmolela.
Kgetho ya baapostola ba leshome le metso e mmedi.
13Yaba o nyolohela thabeng, a ipiletsa bao a ba ratang, mme ba tla ho yena. 14A bea ba leshome le metso e mmedi, hore ba be ho yena, mme a ba rome ho bolela Evangeli, 15mme ba be le matla a ho fodisa malwetse, le a ho leleka batemona. 16Ke Simone, eo a mo ekeleditseng lebitso la Petrose; 17le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma; 18le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone Mokanana, 19le Judase Iskariota, e leng yena ya mo ekileng.
Bangodi ba nyatsa Jesu. — Sebe sa ho sitelwa Moya. — Mma Jesu le banababo ba rata ho mo ntsha hara batho.
20Ba ntoo ya tlung, mme bongata ba boela ba bokana teng, Jesu le barutuwa ba hae ba ba ba sitwa le ho ja bohobe. 21Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa. 22Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona. 23A mpa a ba biletsa ho yena, a ntoo ba bolella ka ditshwantsho, a re: Satane a ka leleka Satane jwang? 24Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya; 25le ntlo ha e kgaohane ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya. 26Le yena Satane, ha a itwantsha, a kgaohana, a ke ke a tiya, empa e se e le ho fela ha hae. 27Ha ho motho ya ka kenang tlung ya senatla ho phahla mesebetsi ya sona, a eso ho tlame senatla pele, ebe hona a phahlang ntlo ya sona. 28Kannete ke re ho lona: Bara ba batho ba ka tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba nyefotseng ka tsona. 29Empa ya nyefolang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato wa sebe se sa feleng. 30O ne a rialo kahobane ba ne ba re: O na le moya o ditshila.
31Mmae le banababo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho yena ho mmitsa. 32Mme bongata bo ne bo dutse, bo mo teetse hare. Yaba ba re ho yena: Bona, mmao le banabeno ke bana kantle, ba o batla. 33A ba araba, a re: Mme le banabeso ke bomang? 34A ba a habanya ba dutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana; 35hobane ya etsang thato ya Modimo, ke yena e leng ngwaneso le kgaitsedi ya ka le mme.

Currently Selected:

MAREKA 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy