YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 2

2
Jesu o fodisa motho ya omeletseng ditho Kapernauma.
1Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung. 2Batho ba bangata ba phakisa ba phuthehela teng, sebaka sa ba sa hlokahala le pela monyako; mme Jesu a ruta lentswe la Modimo.
3Ha fihla ba tlisang ho yena motho ya omeletseng ditho, a jerwe ke batho ba bane. 4Mme kahobane ba ne ba sitwa ke bongata ho atamela Jesu, ba phunya marulelo a ntlo eo a leng ho yona, mme ha ba a phuntse, ba lepelletsa diphate tseo ya omeletseng ditho a robetseng ho tsona. 5Jesu ha a bona tumelo ya bona, a bolella ya omeletseng ditho, a re: Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao. 6Bangodi ba bang ba ne ba dutse moo, ba nyatsa ka dipelong tsa bona, ba re: 7Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi? 8Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona? 9Na haele ho re ho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na? 10Jwale — hore le tsebe hoba Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: 11Ke re ho wena: Tloha o eme, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao. 12A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!
Pitso ya Levi.
13Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta. 14Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.
15Yare ha Jesu a dutse dijong, tlung ya Levi, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae; hobane batho ba ne ba le bangata, mme ba ne ba mo latela. 16Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona? 17Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.
Potso ya barutuwa ba Johanne hodima ho itima dijo.
18Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba ne ba itima dijo, mme ba tla ho Jesu, ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba itimelang dijo, kanthe barutuwa ba hao ha ba itime tsona? 19Jesu a re ho bona: Na balekane ba monyadi ba ka itima dijo, ha monyadi a sa le ho bona na? Ba ke ke ba itima dijo, monyadi a sa le ho bona. 20Empa nako e tla tla, eo monyadi a tla tloswa ho bona; mohlang oo ba tla itima dijo. 21Ha ho motho ya rokellang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, setsiba se setjha se ka hahola ho tsofetseng, sa eketsa taboho. 22Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.
Diqwapi le Sabatha.
23Ka tsatsi le leng, e neng e le la Sabatha, yare ha a feta hara masimo, barutuwa ba hae ba qala ho kga diqwapi ba ntse ba tsamaya. 24Bafarisi ba re ho yena: Bona, ba etsetsang ka Sabatha ho sa dumellwang. 25Jesu a re ho bona: Hleka ha le eso ho bale ho entsweng ke Davida, mohla a hlokang dijo, a lapile le bao a nang le bona; 26kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena? 27Jesu a re ho bona: Sabatha a entswe ka baka la motho, motho ha a etswa ka baka la Sabatha. 28Ha ho le jwalo, Mora motho ke morena le wa Sabatha.

Currently Selected:

MAREKA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy