YouVersion Logo
Search Icon

MATTHEU 26

26
Mahlomola a Jesu. — Morero wa baprista.
1Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo tsohle, a bolella barutuwa ba hae, a re: 2Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
3Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa. 4Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye. 5Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
Setlolo se tshelwa hloohong ya Jesu, Bethania.
6Yare ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone, molepera, 7ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong. 8Barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba hlonama, ba re: Tshenyeho eo e thusang? 9Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi. 10Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo. 11Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla. 12Hobane ha a tshela setlolo seo mmeleng wa ka, o etseditse kepelo ya ka. 13Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
Keko ya Judase.
14Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Iskariota, o ikela ho baprista ba baholo, 15a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo. 16Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena.
Paseka le Selallo.
17Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng? 18A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka. 19Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.
20Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi. 21Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. 22Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena? 23A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka. 24Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa. 25Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
26Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka. 27A nka le senwelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Nwelang ho sona bohle; 28hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe. 29Empa ke re ho lona: Ho qala nakong yona ena, ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha, mmusong wa Ntate.
30Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.
Petrose o porofetelwa tatolo ya hae.
31Yaba Jesu o re ho bona: Bosiung bona le tla kgoptjwa bohle ho nna; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana. 32Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea. 33Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane. 34Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. 35Petrose a re ho yena: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Le barutuwa bohle ba bolela jwalo.
Gethesemane.
36Jwale, Jesu a ya le bona nqalong e bitswang Gethesemane. A re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke sa ya mane ho rapela. 37A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. 38A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna. 39A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao! 40Mme ha a etla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Le sitilwe jwang ke ho fadimeha le nna hora e le nngwe na? 41Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola. 42A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao! 43Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima. 44A ba tlohela, a boela a ya, a rapela la boraro, a bua jwalokaha a buile pele. 45Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe. 46Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.
Jesu o a tshwarwa.
47A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba. 48Ya mo ekileng o ne a ba neile pontsho, a re: Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware. 49A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka. 50Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.
51Lekgatheng leo, e mong wa ba nang le Jesu a isa letsoho saboleng ya hae, a e tsomola, mme a hlatha mohlanka wa moprista e moholo ka yona, a mo kgaola tsebe. 52Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole. 53Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang? 54Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
55Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara! 56Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale.
Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
Jesu o hlahiswa pela lekgotla. — Tsuo ya hae.
57Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng. 58Petrose a mo latela a le hole, mme a fihla tlung ya moprista e moholo; mme eitse hobane a kene lebaleng, a dula le bahlanka, a tle a bone qetello ya ditaba tseo.
59Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye. 60Empa ha ba ka ba bo bona, leha dipaki tsa bohata tse ngata di itlhahisitse. Empa ho feleng ha hlaha dipaki tse pedi tsa bohata, 61tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo. 62Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na? 63Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo. 64Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo. 65Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale. 66Ho jwang ho lona? Ba araba, ba re. O tshwanelwa ke lefu. 67Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa, 68ba re: Kreste, o re porofetele: ya o otlileng ke mang?
Tatolo ya Petrose.
69Petrose yena o ne a dutse kantle lebaleng. Yaba ho fihla ho yena lekgabunyane le leng, la re: Le wena, o ne o ena le Jesu wa Galelea. 70Empa yena a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang. 71Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha. 72A boela a latola ka ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. 73Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa. 74Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla. 75Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.

Currently Selected:

MATTHEU 26: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy