YouVersion Logo
Search Icon

MATTHEU 25

25
Setshwantsho sa barwetsana ba leshome, le sa ditalenta.
1Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi. 2Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla. 3Mawatla ha a nka dilampi tsa wona, ha a ka a di nkela ole. 4Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona. 5Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala. 6Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse. 7Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona. 8Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima. 9Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele. 10Ba re ba sa ya ithekela, monyadi a fihla, mme ba itokisitseng ba kena le yena bohading, mme ha kwalwa monyako. 11Barwetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele! 12Empa a ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe.
13Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
14Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae. 15A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong a mo nea di le pedi, e mong a newa e le nngwe; e mong le e mong a newa ka matla a hae; yaba o a tsamaya. 16Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano. 17Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo. 18Empa ya nkileng talenta e le nngwe, a ya, a tjheba fatshe, mme a epela tjhelete ya morena wa hae. 19Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona. 20Yaba ya nkileng ditalenta tse hlano o tla, a hlahisa tse ding tse hlano, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse hlano; bona, ke ruile tse ding tse hlano kahodima tsona. 21Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. 22Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona. 23Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. 24Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng. 25Ke tshabile ke hona, mme ke ile ka pata talenta ya hao mobung; bona, e sa le ena ntho ya hao. 26Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng. 27Ha ho le jwalo, o ka be o beile tjhelete ya ka bankeng, mme ha ke fihla, nka be ke latile ntho ya ka le phaello ya yona. 28Mo amoheng talenta hle, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome. 29Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. 30Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Mora motho o tla ahlola batho.
31Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae. 32Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi. 33O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, a bee dipodi ho le letshehadi. 34Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa. 35Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona; 36ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna. 37Etlaba hona ba lokileng ba mo arabang, ba re: Morena, ke neneng re kileng ra o bona o lapile, mme ra o nea wa ja; leha o nyorilwe, mme ra o nea wa nwa? 38Ke neng re o boneng o le moeti, mme re kileng ra o kenya tlung ha rona; leha o hlobotse, mme ra o apesa? 39Ke neng re o boneng o baba, mohlomong o le teronkong, mme ra ya ho wena? 40Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna. 41Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae. 42Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa; 43ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona. 44Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa? 45Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna. 46Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.

Currently Selected:

MATTHEU 25: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy