YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 3

3
Thuto ya Johanne Mokolobetsi.
1Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene; 2ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora wa Sakaria, feelleng. 3A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe; 4jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya ditaba tsa moporofeta Esaia, ho thwe: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae. 5Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe; 6mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.
7O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang? 8Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana. 9Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
10Bongata ba mmotsa, ba re: Ha ho le jwalo, re tla etsa eng na? 11A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
12Balekgetho le bona ba tla ho kolobetswa, mme ba re ho yena: Moruti, re tla etsang na? 13a re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa hoo le ho laetsweng.
14Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.
15Jwale, kahobane setjhaba se ne se dutse ka tebello, bohle ba hakanya ka dipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be ke yena Kreste, 16Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. 17Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng.
18A nna a ba kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella setjhaba Evangeli. 19Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse, 20a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.
21Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa, 22mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
Leloko la Jesu Kreste.
23Jesu o ne a batla ho ba le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora wa Josefa, wa Heli, 24wa Mathate, wa Levi, wa Melki, wa Janai, wa Josefa, 25wa Matathia, wa Amose, wa Nahume, wa Esli, wa Naggai, 26wa Maathe, wa Matathia, wa Semei, wa Joseke, wa Juda, 27wa Joanane, wa Rhesa, wa Sorobabele, wa Salathiele, wa Neri, 28wa Melki, wa Adi, wa Kosame, wa Elmadame, wa Ere, 29wa Jose, wa Eliesere, wa Jorime, wa Mathate, wa Levi, 30wa Simeone, wa Juda, wa Josefa, wa Joname, wa Eliakime, 31wa Melea, wa Mainane, wa Matatha, wa Nathane, wa Davida, 32wa Jese wa Obede, wa Boase, wa Salmone, wa Naasone, 33wa Aminadabe, wa Arame, wa Esrome, wa Farese, wa Juda, 34wa Jakobo, wa Isaaka, wa Abrahama, wa Thera, wa Nakore, 35wa Seruge, wa Rehu, wa Pelege, wa Hebere, wa Shela, 36wa Kainane, wa Arpaksade, wa Sema, wa Nowe, wa Lemeke, 37wa Methusela, wa Henoke, wa Jerede, wa Mahalaleele, wa Kenane, 38wa Enose, wa Setha, wa Adama, wa Modimo.

Currently Selected:

LUKA 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy