YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 2

2
Tswalo ya Jesu. — Badisa ba Bethlehema.
1Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle. 2Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria. 3Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo.
4Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae; 5ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana.
6Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha; 7a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.
8Ho ne ho le badisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ya bona bosiu. 9Jwale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba ka tshabo e kgolo. 10Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela; 11ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena. 12Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.
13Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re: 14Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.
15Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona. 16Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong. 17Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng. 18Bohle ba utlwang, ba makala ke ditaba tseo ba di bolellwang ke badisa. 19Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae. 20Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng.
Jesu o hlahiswa tempeleng. — Thoko ya Simeone. — Anna. — Ho kgutlelwa Nasaretha.
21Matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho tla bolotsa ngwana ha a fetile, ba mo rea lebitso la Jesu, leo a neng a le reilwe ke lengeloi, a eso ho emolwe popelong. 22Hobane ho fete matsatsi ao ba itlhatswang ka wona, ka molao wa Moshe, ba isa ngwana Jerusalema, ho mo hlahisa pela Morena; 23jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Morena, ho thwe: Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla bitswa mokgethwa wa Morena. 24Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.
25Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena. 26O ne a senoletswe pele ke Moya o Halalelang hoba a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena. 27A iswa tempeleng ke Moya o Halalelang; mme ngwana Jesu ha a tliswa ke baholo ba hae, ho tle ho etswe bakeng sa hae ka taelo ya molao, 28a mo nkela matsohong a hae, a boka Modimo, a re: 29Jwale, Monghadi, o lese mohlanka wa hao, a ye ka kgotso, ka polelo ya hao; 30hobane mahlo a ka a bone poloko ya hao, 31eo o e lokisitseng pontsheng ya ditjhaba kaofela, 32hore e be lesedi le tla bonesa ditjhaba, le kganya ya Iseraele, setjhaba sa hao.
33Josefa le mma ngwana ba ne ba makala ke ditaba tsohle tseo a bolelwang ka tsona. 34Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang; 35le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.
36Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae; 37mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare. 38Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
39Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.
40Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.
Jesu o sala tempeleng.
41Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.
42Eitse ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela Jerusalema ka mokgwa wa mokete. 43Hobane ba qete matsatsi a mokete, ha ba se ba boela ha habo, ngwana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le mmae ba sa tsebe. 44Empa, ka ho re, ekaba o letshweleng, ba tsamaya letsatsi le le leng, ba ntoo mmatla hara metswalle ya bona le bao ba tsebanang le bona. 45Ha ba sa mmone, ba boela Jerusalema, ba ntse ba mmatla. 46Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa. 47Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae. 48Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo. 49A re ho bona: Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hoba ke tshwanetse ho ba teng ditabeng tsa Ntate na? 50Empa ha ba ka ba utlwisisa taba eo a ba bolellang yona. 51Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.
52Mme Jesu a nna a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pela Modimo le batho.

Currently Selected:

LUKA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy