YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 3

3
Jobo o itelela bakeng sa tsietsi tse mo hlahetseng.
1Kamora tseo, Jobo a ahlamisa molomo wa hae, a rohaka letsatsi leo a tswetsweng ka lona. 2Jobo a bua, a re: 3Ho timele letsatsi leo ke tswetsweng ka lona, le bosiu boo ho itsweng: Ngwana e motona o emotswe. 4Tsatsi leo le fetohe lefifi, mme Modimo o se ke wa le hlokomela o le hodimo! lesedi le se ke la hlola le le kganyetsa. 5A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi. 6Bosiu boo bo ke bo tshwarwe ke lefifi, bo se ke ba thaba hara matsatsi a ngwaha, bo se ke ba balwa palong ya ditshiu tsa dikgwedi. 7Bosiu boo a bo nyope, nyakallo e hlokahale ho jona! 8A bo rohakwe ke ba rohakang ditshiu, ba nang le boqweleqwele ba ho tsosa leviathane! 9A dinaledi tsa mafube a jona di fifale! A bo hlolohelwe lesedi, mme le se ke la hlaha, bo se ke ba bona dintshi tsa mafube a meso! 10Hobane ha bo a ka ba kwala popelo eo ke tswileng ho yona, ha bo a ka ba pata ho hlomoha mahlong a ka!
11Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong? 12Mangole a mme a ne a mphare keng? mme matswele a hae a nkanyeseditseng na? 13Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna, 14le marena le ba baholo ba lefatshe, ba ikgahetseng mabitla; 15kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera; 16mohlomong ka ba siyo jwaloka sefolotsana se epetsweng, kapa jwaloka bana ba sa kang ba bona lesedi. 17Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng; 18ba holehilweng ba dula ka kgotso, ha ba sa utlwa lentswe la motubi. 19Teng, ba banyenyane le ba baholo ba lekana, mme mofo o lokolohile ho monghadi wa hae.
20Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo, 21e le ba lebeletseng lefu, mme ha le fihle, ba le tjheba ba le lakatsa ho fetisa letlotlo le patilweng, 22ba thaba ka thabo e fetisisang, ba be ba nyakalle, ha ba fumana lebitla? 23Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle? 24Dijo tsa ka ke mefehelo, dipokollo tsa ka di iphallela jwaloka dikgohola. 25Hobane botshabeho boo ke bo tshabang bo nkwela hodimo, mme see ke se tshohang ke se ntlhahelang. 26Ha ke fuwe sebaka, leha e le boitketlo, kapa phomolo, thethelo ke yona e ntlelang kamehla.

Currently Selected:

JOBO 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy