YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 2

2
1Hape, ka tsatsi le leng, ha bara ba Modimo ba boela ba itlhahisa pela Jehova, Satane le yena a itlhahisa le bona pela Jehova. 2Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng. 3Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela. 4Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae. 5O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng. 6Yaba Jehova o re ho Satane: Bona, o letsohong la hao! feela o qenehele bophelo ba hae.
7Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho. 8A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong. 9Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe! 10Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na?
Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.
11Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa. 12Eitse ha ba emisa mahlo ba sa le hojana, ba se ke ba mo tseba, mme ba phahamisa mantswe, ba lla, ba hahola e mong le e mong kobo ya hae, ba kubisetsa lerole sebakeng hodima dihlooho tsa bona. 13Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.

Currently Selected:

JOBO 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy