YouVersion Logo
Search Icon

GENESE 7

7
1Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena. 2Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona. 3Le ho dinonyana tsa lehodimo o nke ka supa, e tona le e tshehadi, ho pholosetsa lefatshe lohle mefuta ya tsona. 4Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng. 5Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng. 6Nowe e ne e le motho ya dilemo tse makgolo a tsheletseng, ha morwallo wa metsi o eba teng lefatsheng.
7Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo. 8Diphoofolo tse hlwekileng, le diphoofolo tse sa hlwekang, le dinonyana, le tsohle tse hahabang lefatsheng, 9tsa tla ka pedi arekeng ho Nowe, e tona le e tshehadi, jwalokaha Modimo o ne o laetse Nowe. 10Eitse matsatsi a supileng ha a fetile, metsi a morwallo a eba teng lefatsheng.
11Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha. 12Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane. 13Ka lona tsatsi leo, Nowe a kena ka arekeng, a na le Sema, le Kama, le Jafeta, bara ba Nowe, le mosadi wa Nowe, le basadi ba bararo ba bara ba hae, 14bona, le diphoofolo tsohle ka mefuta ya tsona, le makgomo wohle ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona, le dinonyana tsohle tse mapheo. 15Pedi ka pedi tsa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela, tsa tla ho Nowe arekeng. 16Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla. 17Morwallo wa tlala lefatsheng ditshiu tse mashome a mane; metsi a kokomoha, a phahamisa areka, mme ya emisetswa hodima lefatshe. 18Metsi a eketseha, a hola haholo lefatsheng, mme areka e ne e sesa hodima metsi. 19Metsi a ipha matla haholoholo lefatsheng; mme dithaba tsohle tse telele tse katlasa mahodimo wohle tsa apeswa. 20Metsi a eketsa ho phahama ho isa ditsweng tse leshome le metso e mehlano, mme dithaba tsa kwahelwa. 21Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela. 22Dintho tsohle tse neng di na le phefumoloho ya ho phela dinkong tsa tsona, kaofela ha tse dutseng moo ho omileng tsa eshwa. 23Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng. 24Mme metsi a eba matla lefatsheng ka ditshiu tse lekgolo le mashome a mahlano.

Currently Selected:

GENESE 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy