YouVersion Logo
Search Icon

GENESE 6

6
Tshenyeho ya batho. — Morwallo wa metsi.
1Eitse hobane batho ba qale ho ata lefatsheng, ha ba tswetse basetsana, 2bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona. 3Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. 4Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.
5Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle. 6Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho. 7Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse. 8Empa Nowe a fumana mohau pela Jehova.
9Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo. 10Nowe a tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta. 11Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana. 12Modimo wa tadima lefatshe, mme wa bona hoba le bodile le hoba nama yohle e sentse mokgwa wa yona lefatsheng. 13Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe. 14O iketsetse areka ka difate tsa gofere; o etse dikarolo arekeng, mme o e tlotse ka boka kahare le kantle. 15O e etse ka mokgwa ona: Ditswe tsa motopo wa areka di be makgolo a mararo, ditswe tsa bophara ba yona di be mashome a mahlano, mme ditswe tsa bophahamo ba yona di be mashome a mararo. 16O siye lesoba arekeng, le be bolelele ba setswe se le seng ho tloha hodimo, o etse le monyako lehlakoreng la areka, o be o e etse dikarolo tse hlwellaneng, e katlase, le e kahare, le e kahodimo. 17Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa. 18Empa ke tla hlaba selekane sa ka le wena, mme o tla kena arekeng, wena, le bara ba hao, le mosadi wa hao, le basadi ba bara ba hao hammoho le wena. 19Ho tse phelang kaofela tsa nama yohle o nke ka pedi, e tona le e tshehadi, o di kenye arekeng, di tle di pholohe le wena; 20dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, di tla tla kaofela ka pedi ho wena, di tle di pholohe. 21O nke dijo tsohle tse jewang, o di bokelle ho wena arekeng, e be ho ja ha hao le ha tsona. 22Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.

Currently Selected:

GENESE 6: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy