YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 4

4
Ho porofetwa phediso ya Jerusalema.
1Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema; 2o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona. 3O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.
4Wena jwale, o sekame ka lehlakore la hao le letshehadi, o bee bokgopo ba ntlo ya Iseraele ho lona; ha o ntse o sekame ka lona ka tshiu tse itseng, etlaba o jere bokgopo ba bona ka tsona. 5Ke o nea dilemo tsa bokgopo ba bona di be kaa ka palo ya ditshiu tseo, e leng tshiu tse makgolo a mararo a nang le mashome a robileng mono o le mong. O tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele jwalo. 6Etlare hobane o qete tshiu tseo, o tla boela o sekame ka lehlakore la hao le letona, mme o tla jara bokgopo ba ntlo ya Juda ka tshiu tse mashome a mane; ke o nea tshiu ka nngwe ho lekanya selemo se seng. 7O tle o lebisetse thibello ya Jerusalema sefahleho sa hao le letsoho la hao le apotsweng, o mo porofetele. 8Bona, ke beile marapo ho wena, hore o tle o se ke wa iphetolela ka hlakoreng le leng, o eso ho qete tshiu tsa thibello ya hao. 9Jwale, o inkele koro, le harese, le dinawa, le dierekise, le nyalothe, le maidi, o di tshele pitseng e le nngwe, mme ka tsona o iketsetse bohobe bo ka lekanang palo ya ditshiu tseo o tla sekama ka lehlakore ka tsona; o tla bo ja ka tshiu tse makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong. 10Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng. 11Leha e le metsi ao o tla a nwa, o a nwe ka tekanyo ya botshelela ya hine; o tle o a nwe ka nako e itseng le ka nako e itseng. 12Maqebekwane a harese ao o a jang, o tle o a bese ka masepa a batho pontsheng ya bona. 13Jehova o re: Bana ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo silafetse jwalo hara ditjhaba tseo ke tla ba lelekisetsa hara tsona. 14Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka. 15Yaba o re ho nna: Bona, ke o neile boloko ba kgomo bakeng sa masepa a motho; o tle o bese bohobe ba hao ka jona. 16A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo, 17hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona.

Currently Selected:

ESEKIELE 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy