YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 3

3
1A re ho nna: Mora motho, ja seo o se fumaneng; ja buka eo e phuthilweng, o ntoo ya, o bue le ntlo ya Iseraele. 2Yaba ke ahlamisa molomo wa ka, a nnea ho ja buka eo e phuthilweng. 3Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.
4A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka; 5hobane ha o rongwe ho setjhaba se puo e tebileng, se leleme le thata; o mpa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele. 6Ha o rongwe ho ditjhaba tse ngata, tse puo e tebileng, tse leleme le thata, tseo o ka sitwang ho utlwisisa puo ya tsona; ha ke re, hoja ebeka ke o romela ho tsona, di ne di tla o mamela? 7Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo. 8Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, jwaloka difahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ya hao, jwaloka diphatla tsa bona. 9Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
10A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe. 11Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.
12Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae! 13le modumo wa dipheo tsa dibopuwa, ha di fapana, hammoho le modumo wa mabidi a maloka le tsona, le modumo wa serwakgametsa. 14Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla. 15Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.
16Kamora tshiu tse supileng, lentswe la Jehova la ntlela, la re: 17Mora motho, ke o beile sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tle o mamele lentswe le tswang molomong wa ka, o ba tshose, o re: Ke nna ke buang le bona. 18Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao. 19Empa ha wena o tshositse molotsana, mme a sa ka a kgeloha bokgopo ba hae le tsela ya hae e sa lokang, haele yena o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao. 20Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao. 21Empa wena, ha o tshositse ya lokileng, hore ya lokileng a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa ka a se etsa, kannete o tla phela, hobane o ne a tshoswe, mme etlaba wena o pholositse moya wa hao.
22Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena. 23Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka. 24Yaba moya o kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto a ka, wa bua le nna, wa re ho nna: Eya, o ikwalle ha hao. 25Mme wena, mora motho, bona, ba ya bea marapo ho wena, ba o tlame, hore o se ke wa tswela ho bona. 26Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi. 27Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

Currently Selected:

ESEKIELE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy