1
MATTHEU 15:18-19
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Empa tse tswang hanong di tswa pelong; ke tsona tse silafatsang motho. Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong
Compare
Explore MATTHEU 15:18-19
2
MATTHEU 15:11
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.
Explore MATTHEU 15:11
3
MATTHEU 15:8-9
Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna. Ba nkgumamella lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.
Explore MATTHEU 15:8-9
4
MATTHEU 15:28
Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
Explore MATTHEU 15:28
5
MATTHEU 15:25-27
Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse! Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana. Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
Explore MATTHEU 15:25-27
Home
Bible
Plans
Videos