1
MATTHEU 16:24
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
Compare
Explore MATTHEU 16:24
2
MATTHEU 16:18
Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.
Explore MATTHEU 16:18
3
MATTHEU 16:19
Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.
Explore MATTHEU 16:19
4
MATTHEU 16:25
Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.
Explore MATTHEU 16:25
5
MATTHEU 16:26
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Explore MATTHEU 16:26
6
MATTHEU 16:15-16
A re ho bona: Lona, le re, ke mang na? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.
Explore MATTHEU 16:15-16
7
MATTHEU 16:17
Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.
Explore MATTHEU 16:17
Home
Bible
Plans
Videos