MATTHEU 15:25-27
MATTHEU 15:25-27 SSO61-SO
Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse! Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana. Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.





