YouVersion Logo
Search Icon

Mareka 1

1
Mareka 1
1Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo;
2Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela.
3Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Jehova feelleng, le lokise ditsela tsa hae.
4Johanne o kile a kolobetsa feelleng, a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe.
5Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.
6Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhama la letlalo; a ja ditsie le dinotshi tsa naha;
7A bolela, a re: Kamorao ho nna ho tla e mong ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho inama ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae.
8Nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.
9Mehleng eo, ha fihla Jesu a etswa Nasaretha wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.
10Yare ha a phakisa a nyoloha metsing, a bona mahodimo a bulehile, le Moya o kang leeba o theohela hodima hae.
11Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
12Yaba Moya o phakisa wa mo isa feelleng.
13A hlola feelleng matsatsi a mashome a mane, a ntse a lekwa ke Satane; mme o ne a na le dibatana; mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.
14Eitse hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a ntse a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;
15A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.
16Yare ha a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
17Jesu a re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.
18Ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
19Eitse hobane a fete sebakanyana, a bona Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba lokisa matlowa a bona.
20A phakisa a ba bitsa, mme ba tlohela ntata bona Sebedea ka sekepeng le ba hirilweng, ba mo sala morao.
21Ba kena Kapernauma; mme hang ka letsatsi la Sabatha a kena sinagogeng, a ruta.
22Ba hlollwa ke thuto ya hae;
23Mo sinagogeng ya bona ho ne ho ena le motho ya nang le moya o ditshila; mme a hoeletsa,
24ba re: “Re tlohele; re na le taba efe le wena, Jesu wa Nasaretha? Na u tlile ho re felisa na? Kea u tseba hore na u mang, u Mohalaleli oa Molimo.
25Jesu a se kgalemela, a re: Homola, o tswe ho yena!
26Yare ha moya o ditshila o mo harola, o howa ka lentswe le leholo, wa tswa ho yena.
27Ba hlollwa bohle, ba ba ba botsana, ba re: Ke eng hoo? thuto ee e ncha ke efe? hobane ka matla o laela le wona meya e ditshila, mme e a mo mamela.
28Mme tumo ya gagwe ya akofa ya utlwala mo lefatsheng lotlhe le le mo tikologong ya Galelea.
29Eitse hang ha ba etswa sinagogeng, ba kena tlung ya Simone le Andrease, ba ena le Jakobo le Johanne.
30Mme mohwehadi Simone o ne a robetse a tshwerwe ke feberu, mme ba phakisa ba mmolella.
31A tla, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; mme feberu ya phakisa ya mo tlohela, mme a ba sebeletsa.
32Yare ha mantsiboya, letsatsi le dikela, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le batemona.
33Mme motse wohle wa phuthehela monyako.
34A fodisa ba bangata ba kulang malwetse a mefutafuta, a leleka batemona ba bangata; mme a se ke a dumella batemona ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba.
35Hosasane, ha e se e le kameso, a tsoha, a tswa, a ikela nqalong e se nang batho, a rapela teng.
36Simone le ba nang le yena ba mo latela.
37Eitse hobane ba mo fumane, ba re ho yena: Bohle ba a o batla.
38A re ho bona: A re yeng metsaneng e haufi, ke tle ke bolele Evangeli le teng, hobane ke sona seo ke se tletseng.
39A nna a rera disinagogeng tsa bona Galelea yohle, a leleka batemona.
40Yaba molepera o tla ho yena, a mo rapela, a kgumama pela hae, a re ho yena: Ha o rata, o ka ntlhwekisa.
41Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata; o hlweke.
42Eitse hang ha a buile, lepera la phakisa la tloha ho yena, mme a ntlafala.
43A mo laela haholo, a phakisa a mo kgutlisa;
44A re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho letho;
45Empa yena a tswa, a qala ho bolela haholo, le ho bolela taba eo hohle, hoo Jesu a neng a sitwa ho kena motseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle mathokong;

Currently Selected:

Mareka 1: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy