YouVersion Logo
Search Icon

Mareka 2

2
Mareka 2
1Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, a boela a kena Kapernauma; mme ha utlwahala hore o ka tlung.
2Jwale ba bangata ba phutheha, hoo ho neng ho se sebaka sa ho ba amohela, leha e le monyako, mme a ba bolella lentswe.
3Ba tla ho yena, ba tlisa motho ya omeletseng ditho, a jere ba bane.
4Eitse ha ba sitwa ho mo atamela ka baka la letshwele, ba phunya marulelo moo a neng a le teng, mme ha ba se ba phunya, ba theola diphate tseo ya omeletseng ditho a neng a robetse ho tsona.
5Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho motho ya omeletseng ditho: Ngwanaka, o tshwaretswe dibe tsa hao.
6Empa ho ne ho dutse ba bang ba bangodi moo, ba nahana ka dipelong tsa bona.
7Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?
8Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?
9Ho bonolo ke hofe, ho re ho motho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?
10Empa le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho:
11Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.
12A tsoha hanghang, a nka diphate, a tswa kapele ho bona bohle; ba ba ba hlollwa bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Ha re eso ho bone ka mokgwa oo.
13A boela a tloha, a ya lebopong la lewatle; mme letshwele lohle la tla ho yena, mme a ba ruta.
14Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.
15Eitse ha Jesu a dutse dijong tlung ya hae, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba dula le Jesu le barutuwa ba hae, hobane ba ne ba le bangata, mme ba mo latela.
16Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?
17Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa ba kulang ha ba e batle.
18Barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba ne ba itima dijo, mme ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, athe ba hao ha ba itime dijo?
19Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka itima dijo, monyadi a sa na le bona na? ha feela ba sa na le monyadi ho bona, ba sitwa ho itima dijo.
20Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.
21Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale;
22Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale;
23Ka tsatsi la Sabatha, a pholletsa hara masimo; mme barutuwa ba hae ba qala ho kga diako, ba tsamaya.
24Bafarisi ba re ho yena: Bona, ba etsetsang se sa dumellwang ka tsatsi la Sabatha?
25A re ho bona: Na ha le eso ho bale seo Davida a se entseng, mohla a hlokang, a lapile, mmoho le ba nang le yena?
26Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa, haese ke baprista, a ntoo nea le ba nang le yena?
27A re ho bona: Sabatha e etseditswe motho, motho ha a a etsetswa Sabatha.
28Ka baka leo, Mora motho ke Morena le wa Sabatha.

Currently Selected:

Mareka 2: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy