YouVersion Logo
Search Icon

Johanne 1

1
Johanne 1
1Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.
2Yena eo o ne a le ho Modimo tshimolohong.
3Tsohle di entswe ke yena; mme ha ho letho le entsweng kantle ho yena.
4Bophelo bo ne bo le ka ho yena; mme bophelo e ne e le lesedi la batho.
5Lesedi le kganya lefifing; mme lefifi ha le a ka la le amohela.
6Ho ne ho ena le monna ya romilweng ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.
7Yena o ne a tletse ho paka, ho paka tsa lesedi, hore bohle ba tle ba dumele ka yena.
8E ne e se lesedi leo, empa o ne a rometswe ho paka tsa lesedi leo.
9Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.
10O ne a le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka yena, mme lefatshe ha le a ka la mo tseba.
11O tlile ha habo, mme ba habo ha ba a ka ba mo amohela.
12Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;
13Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.
14Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.
15Johanne o mo pakile, a howa, a re: Enwa ke yena ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o bile teng pele ho nna;
16Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.
17Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.
18Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.
19Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?
20A ipolela, a se ke a latola; empa a ipolela, a re: Ha ke Kreste.
21Ba mmotsa, ba re: Jwale, o reng? A ke wena Elia? Yena a re: Ha ke yena. A ke wena moporofeta eo? A araba, a re: Che.
22Ba re ho yena: O mang? re tle re tsebe ho araba ba re romileng. O reng ka wena?
23A re: Ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang mmila wa Morena, jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.
24Bao ba romilweng e ne e le ba Bafarisi.
25Ba mmotsa, ba re ho yena: Jwale, o kolobeletsang, ha o se Kreste, leha e le Elia, leha e le moporofeta eo?
26Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi;
27Ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo leqhwele la seeta sa hae ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.
28Tsena di etsahetse Bethabara, mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng.
29Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!
30Ke yena eo ke buileng ka yena, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna;
31Le nna ke ne ke sa mo tsebe, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a bonahatswe ho Iseraele.
32Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong jwaloka leeba, mme wa dula hodima hae.
33Le nna ke ne ke sa mo tsebe, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya itseng ho nna: Eo o tla bona Moya o theohela hodima hae, o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.
34Mme ka bona, mme ka paka hore enwa ke Mora wa Modimo.
35Ka la hosasane hape Johanne a ema le barutuwa ba hae ba babedi;
36Yare ha a tadima Jesu a tsamaya, a re: Bonang, Konyana ya Modimo!
37Barutuwa ba babedi ba mo utlwa a bua, mme ba latela Jesu.
38Jesu a reteleha, a ba bona ba mo latela, a re ho bona: Le batla’ng? Ba re ho yena: Rabbi, (ke ho re, ha ho fetolwa, Moruti), o dula kae?
39A re ho bona: Tloong, le bone. Ba tla, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena tsatsi leo, hobane e ne e ka ba hora ya leshome.
40E mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne a bua, mme ba mo latela, e ne e le Andrease, ngwanabo Simone Petrose.
41Yena a qala ka ho fumana Simone, ngwanabo, mme a re ho yena: Re fumane Mesia, ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.
42A mo tlisa ho Jesu. Jesu ha a mmona, a re: O Simone, mora Jona;
43Ka hosasane, Jesu a rata ho tswela Galilea, mme a fumana Filipi, mme a re ho yena: Ntatele.
44Filipi e ne e le wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.
45Filipi a fumana Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng ka yena molaong, le baporofeta, e leng Jesu, mora Josefa, wa Nasaretha.
46Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.
47Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, mme a bua ka yena, a re: “Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena!
48Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone pele Filipi a o bitsa, o le tlasa sefate sa feiye.
49Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo; o Kgosi ya Iseraele.
50Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse, ka re: Ke o bone tlasa sefate sa feiye? o tla bona tse kgolo ho tsena.
51A re ho yena: “Kannetenete ke re ho lona: Ho tloha jwale le tla bona lehodimo le phetlehile, le mangeloi a Modimo a nyoloha a bile a theohela hodima Mora motho.

Currently Selected:

Johanne 1: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy