YouVersion Logo
Search Icon

Johanne 2

2
Johanne 2
1Ka tsatsi la boraro, ha eba le lenyalo Kana wa Galelea; mme mma Jesu o ne a le teng.
2Jesu le barutuwa ba hae ba memilwe moketeng oo.
3Ha veine e fela, mma Jesu a re ho yena: Ha ba na veine.
4Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? nako ya ka ha e eso fihle.
5Mmae a re ho bahlanka: Le etse eng kapa eng eo a le bolellang yona.
6Ho ne ho beilwe teng dinkgo tsa majwe tse tsheletseng, ka mokgwa wa Bajuda ba itlhatswang, e le nngwe e ka nka boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi kapa tse tharo.
7Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tsa metsi. ’Me ba li tlatsa ho fihlela molomong.
8A re ho bona: Jwale, kgang, le ise ho molaodi wa mokete. Mme ba e jara.
9Yare ha molaodi wa mokete a latswitse metsi a entsweng veine, mme a sa tsebe moo e tswang teng, (empa bahlanka ba kga metsi ba ne ba tseba), molaodi wa mokete a bitsa monyadi.
10Mme a re ho yena: Motho e mong le e mong o bea veine e monate qalong; mme etlere ha batho ba se ba nwele haholo, o ntoo tlisa e seng ntle; empa wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.
11Tšimoloho ena ya mehlolo Jesu o e entse Kana wa Galelea, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12Kamora tseo, a theohela Kapernauma, yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae;
13Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.
14A fumana ka Tempeleng ba rekisang dikgomo le dinku le maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse.
15Eitse hobane a etse seti sa marapo, a ba leleka bohle tempeleng, le dinku le dikgomo; a tsholola madi a baananyi, a menola ditafole;
16A re ho ba rekisang maeba: Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya thekiso.
17Barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.
18Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: O re bontsha mohlolo ofe, haele moo o etsa ntho tsee?
19Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.
20Bajuda ba re: Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?
21Empa o ne a bua ka tempele ya mmele wa hae.
22Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a boletse jwalo ho bona; mme ba dumela Lengolo le lentswe leo Jesu a le buileng.
23Eitse ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela lebitsong la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.
24Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a tseba batho bohle.
25Ho ne ho sa hloke hore motho a pake ka motho, hobane o ne a tseba se ka ho motho.

Currently Selected:

Johanne 2: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy