Bible App logo
Search Icon

Dipesaleme Dipesaleme 127

Dipesaleme 127
Ha Jehova a sa hahe ntlo, ba sebeletsa lefeela
1Sefela sa Lifela. Ha Jehova a sa hahe ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ha Jehova a sa lebele motse, molebedi o tsohela lefeela.
2Ke lefeela ha le tsoha e sa le hosasa, le ho robala bosiu, le ho ja bohobe ba mahlomola; hobane O robatsa moratuwa wa hae jwalo.
3Bonang, bana ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mmae ke moputso wa hae.
4Joaloka metsu letsohong la mohale; ho joalo le ka bana ba bocha.
5Ho thaba monna ea khohlopo e tletseng bona; ba ke ke ba hlajwa ke dihlong, empa ba tla bua le dira hekeng.

Highlight

Copy

Compare

Share

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in