YouVersion Logo
Search Icon

BaHebheru 2

2
BaHeberu 2
1Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.
2Hobane ekare ha lentswe le builweng ke mangeloi le tiile, mme tlolo e nngwe le e nngwe le ho se mamele hohle ho ile ha fumana moputso o lokileng;
3Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng;
4Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?
5Hobane lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, ha a a ka a bea taolong ya mangeloi.
6Empa e mong o pakile nqalong e nngwe, a re: Motho keng, ha o tle o mo hopole? kapa mora motho, ha o tla mo etela?
7O mo entse e monyenyane ho feta mangeloi; wa mo rwesa moqhaka wa kganya le kganya, mme wa mmea hodima mesebetsi ya matsoho a hao.
8Dintho tsohle o di beile katlasa maoto a hae. Hobane ka ho bea tsohle katlasa hae, ha a ka a siya letho le sa beweng tlasa hae. Empa joale ha re e-so bone lintho tsohle li behiloe tlas’a hae.
9Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.
10Hobane ho ne ho loketse hore yena eo dintho tsohle di leng teng ka baka la hae, le eo dintho tsohle di leng teng ka yena, ha a tlisa bara ba bangata kganyeng, ho phetha molaodi wa poloko ya bona ka mahlomola.
11Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;
12A re: Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o binele difela hara phutheho.
13Hape, ke tla bea tshepo ya ka ho yena. Hape, Bonang, nna le bana bao Modimo o nneileng bona.
14Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;
15o lopolle bao bophelo bohle ba bona ba neng ba le bokgobeng ka ho tshaba lefu.
16Hobane kannete ha a ka a nka sebopeho sa mangeloi; empa a inkela leloko la Abrahama.
17Ke gone ka moo go ne go mo tshwanela gore a tshwane le bomonnawe mo dilong tsotlhe, gore e tle e nne moperesiti yo mogolo yo o boutlwelo-botlhoko, yo o boikanngo mo dilong tse e leng tsa Modimo, go dira tetlanyo ya maleo a batho.
18Hobane yena ka ho hlomoha ha a ntse a lekwa, o kgona ho thusa ba lekwang.

Currently Selected:

BaHebheru 2: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy