YouVersion Logo
Search Icon

2 BaThesalonika 2

2
1Jwale, banabeso, re a le rapela ka ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ka ho phuthehela ha rona ho yena.
2 BaThesalonika 2
2Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.
3Ho se be motho ya le kgelosang ka mokgwa ofe kapa ofe, hobane letsatsi leo le ke ke la tla, ntle le hore ho kgelohe pele ho tle, mme monna eo wa sebe a senolwe, mora tahleho;
4Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.
5Ha le hopole hore ke sa na le lona, ke le boleletse taba tseo na?
6Mme jwale le tseba se thibang hore a senolwe mehleng ya hae.
7Hobane sephiri sa bokgopo se se se ntse se sebetsa;
8Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.
9Yena eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetsong ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le meeka ya leshano;
10le ka thetso yohle ya ho se loke ho ba timelang; hobane ha ba a ka ba amohela lerato la nnete, hore ba tle ba bolokehe.
11Ka baka leo, Modimo o tla ba romela thetso e matla, hore ba dumele leshano.
12E le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete ba ahlolwe, empa ba natefetswe ke ho se loke.
13Empa rona re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso ba ratwang ke Morena, hobane Modimo o le kgethetse ho tloha tshimolohong, hore le tle le bolokehe ka kgalaletso ya Moya le ka ho dumela nnete.
14Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.
15Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.
16Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.
17Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.

Currently Selected:

2 BaThesalonika 2: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy