YouVersion Logo
Search Icon

2 Bakorinthe 2

2
2 Bakorinthe 2
1Empa ke ikemiseditse hoba ke se ke ka boela ke tla ho lona ke tsielehile.
2Hobane ekare ha ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, haese yena ya swabisitsweng ke nna?
3Ke le ngoletse tsona tseo, e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka utlwa bohloko ka baka la bao ke tshwanetseng ho thaba ka bona; ke na le tshepo ho lona bohle, hore thabo ya ka ke ya lona bohle.
4Gonne ke ne ka lo kwalela ke le mo pitlaganong e kgolo le mo tlalelong e kgolo ya pelo; e seng hore le hlomohe, empa e le hore le tle le tsebe lerato leo ke le ratang haholo ka lona.
5Empa ekare ha e mong a bakile maswabi, ha a ka a swabisa nna, empa ka nqa e nngwe, ke tle ke se ke ka le imetsa kaofela.
6Kotlo ena e entsweng ke ba bangata e lekane ho motho ya jwalo.
7E le hore le mpe le mo tshwarele le ho mo tshedisa, esere ya jwalo a metswa ke maswabi a feteletseng.
8Ke gone ke lo rapelang gore lo mo tlhomamisetse lorato lwa lona.
9Hobane le hona ke le ngoletse hore ke tle ke tsebe ho bona hore na le na le kutlo nthong tsohle.
10Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela;
11Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae.
12Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.
13Ha ke a ka ka phomola moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso;
14A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.
15Hobane ho Modimo re monko o monate wa Kreste ho ba bolokehang le ho ba timelang.
16Ho ba bang re monko wa lefu o isang lefung; mme ho ba bang monko wa bophelo o isa bophelong. Mme ke mang ya lekaneng tseo?
17Hobane ha re jwaloka ba bangata ba senyang lentswe la Modimo;

Currently Selected:

2 Bakorinthe 2: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy