YouVersion Logo
Search Icon

1 Petrose 5

5
1 Petrose 5
1Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.
2Fedisang mohlape wa Modimo o hara lona, le o okamele, e seng ka kgatello, empa ka ho rata; e seng ka lebaka la leruo le ditshila, empa ka ho rata;
3Le se ke la busa lefa la Modimo, empa le le mehlala ho mohlape.
4Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.
5Ka mokgwa o jwalo, le lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. E, lona bohle, le ipee e mong e mong ho e mong, mme le apare boikokobetso;
6Ka hona, le ikokobetse tlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e loketseng.
7Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena; hobane oa le tsotella.
8Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;
9Le hanyetse yena, le tiile tumelong, le ntse le tseba hore dihloriso tseo di hlahela banababo lona ba lefatsheng.
10Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.
11Ho yena e be kganya le matla kamehla le mehla. Amen.
12Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.
13Phutheho e Babilona, e kgethilweng hammoho le lona, e a le dumedisa; le Mareka mora ka.
14Dumedisanang ka kako ya lerato. Khotso e be le lona bohle ba leng ho Kreste Jesu. Amen.

Currently Selected:

1 Petrose 5: CSOB24

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy