YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 1

1
Selelekela
1Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona, 2jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe, 3le nna, hoba ke fuputse ditaba tseo ka hloko ho tloha tshimolohong, ke fumane ho le molemo ho o ngolla tsona ka tlhatlhamano, Theofile ya kgabane, 4hore o tsebe bonnete ba ditaba tseo o di rutilweng.
Tsebiso ya tswalo ya Johanne Mokolobetsi
5Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha. 6Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng. 7Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.
8Yare ha Sakariya a ntse a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka nako e beetsweng sehlopha sa hae, 9ho ya ka moetlo wa boprista, a kgethwa ka lotho hore a kene ka Tempeleng ya Morena ho kubetsa, 10mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa.
11Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso. 12Ha Sakariya a le bona, a tshoha, a tshwarwa ke tshabo. 13Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. 14E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae, 15hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. 16O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona. 17O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”
18Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?”
19Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo. 20Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”
21Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng. 22Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu.
23Yare ha matsatsi a tshebeletso ya hae a fedile, a boela ha hae. 24Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re: 25“Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.”
Tsebiso ya tswalo ya Jesu
26Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabariele la rongwa ke Modimo motseng wa Galelea o bitswang Nasaretha, 27ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria. 28Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”
29A kgathatseha ke polelo eo, mme a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe. 30Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. 31Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. 32O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya Hodimodimo; Morena Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida. 33O tla rena hodima ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae bo ke ke ba eba le bofelo.”
34Maria a re ho lengeloi: “Hoo ho ka etsahala jwang, athe ke sa le morwetsana?”
35Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo. 36Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa, 37hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.”
38Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!”
Yaba lengeloi le tloha ho yena.
Maria o etela Elisabetha
39Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea. 40A kena ka tlung ya Sakariya, mme a dumedisa Elisabetha. 41Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang. 42A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao! 43Ho ntlela jwang hore ke etelwe ke mma Morena ka? 44Bona, ha lentswe la hao la tumediso le fihla ditsebeng tsa ka, lesea le ile la tlola ke nyakallo ka popelong ya ka. 45Ho lehlohonolo wena ya dumetseng, hobane ditaba tseo o di boleletsweng ke Morena di tla phethahala.”
Thoko ya Maria
46Yaba Maria o re:
47“Pelo ya ka e tlotlisa Morena,
moya wa ka o nyakalletse Modimo,
Mopholosi wa ka;
48hobane o ile a tadima
ho eiseha ha lekgabunyane la hae.
Bonang, ho tloha jwale
meloko yohle e tla re
nna ke lehlohonolo,
49hobane Ya Matla
o nketseditse tse kgolo,
lebitso la hae le a halalela;
50ka mengwaha le mengwaha
o mohau ho ba mo tshabang.
51O entse tse matla ka tsoho la hae,
a qhalanya baikgohomosi
le mehopolo ya bona;
52a theola babusi diteroneng,
a phahamisa ba eisehang,
53a kgorisa ba lapileng ka tse molemo,
a kgutlisa ba ruileng
ba se na letho,
54a thusa Iseraele mohlanka wa hae,
a mo hopola ka mohau,
55a hauhela Aborahama
le ditloholo tsa hae kamehla yohle,
jwalokaha a buile
ho bo-ntata rona.”
56Maria a hlola le Elisabetha kgwedi tse ka bang tharo, a nto kgutlela ha habo.
Tswalo ya Johanne Mokolobetsi
57Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora. 58Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
59Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya. 60Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.”
61Ba re ho yena: “Ha ho le ya mong ho bang ka wena ya bitswang ka lebitso lena.”
62Ba lekanyetsa ntatae, ba mmotsa hore na ekaba o rata ha ngwana a bitswa mang.
63Hoba a kope letlapa, a ngola, a re: “Lebitso la hae ke Johanne.” Bohle ba makala. 64Jwale hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la hae la raroloha, mme a bua, a boka Modimo. 65Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea, 66bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena.
Boporofeta ba Sakariya
67Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:
68“Ho bokwe Morena,
Modimo wa Iseraele,
hobane o etetse setjhaba sa hae,
a se lopolla.
69O re hlahiseditse Mopholosi
ya matla tlung ya Davida,
mohlanka wa hae,
70jwalokaha a ne a bolele
ka molomo wa baporofeta
ba hae ba halalelang,
ho tloha kgalekgale.
71O ne a re o tla re pholosa
direng tsa rona,
le matsohong a bohle
ba re hloileng;
72a etsetse bo-ntata rona mohau,
a hopole selekane sa hae
se halalelang,
73e leng kano
eo a neng a e hlapanyetse
ntata rona Aborahama,
ya hore re newe
74ho mo sebeletsa re se na tshabo,
re namoletswe matsohong
a dira tsa rona,
75re halalela, mme re lokile pela hae
ka matsatsi wohle
a ho phela ha rona.
76Wena, ngwana o tla bitswa
moporofeta wa Ya Hodimodimo,
hobane o tla etella Morena pele
ho lokisa ditsela tsa hae,
77o tsebise setjhaba sa hae
hore se tla pholoswa
ka ho tshwarelwa dibe tsa sona.
78Ka mohau o moholo
wa Modimo wa rona,
mafube a tswang hodimo
a tla re etela,
79ho bonesetsa ba dutseng lefifing
le moriting wa lefu,
le ho re tsamaisa
tseleng ya kgotso.”
80Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.

Currently Selected:

LUKA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy