YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 16

16
Jesu o tsoha bafung
(Mat. 28:1-8; Luka 24:1-12; Joh. 20:1-10)
1Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu. 2E sa le hoseng haholo, ka letsatsi le qalang beke, ba tla lebitleng ha letsatsi le tjhaba. 3Ba ne ba botsana, ba re: “Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe le monyako wa lebitla?”
4Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le se le phikolositswe; le ne le le leholo haholo. 5Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala.
6Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena. 7Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!’ ”
8Ba tswa lebitleng, ba baleha, hobane ba ne ba thothomela ke letswalo; mme ha ba a ka ba bolella motho le ya mong, hobane ba ne ba tshohile.
Jesu o iponahatsa ho Maria wa Magadala
(Mat. 28:9,10; Joh. 20:11-18)
9Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena. 10Yena a ya tsebisa ba neng ba bile le Jesu, ba neng ba hlomohile, ba lla. 11Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela.
Jesu o iponahatsa ho barutuwa ba babedi
(Luka 24:13-35)
12Kamora moo, Jesu a iponahatsa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya naheng. 13Bao ba ya bolella ba bang, empa le bona ba se ke ba ba ba ba dumela.
Thomo ya barutuwa
(Mat. 28:16-20; Luka 24:36-49; Joh. 20:19-23; Dik. 1:6-8)
14Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
15A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo. 16Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa. 17Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha, 18ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”
Jesu o nyolohela lehodimong
(Luka 24:50-53; Dik. 1:9-11)
19Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo. 20Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.

Currently Selected:

MAREKA 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy