YouVersion Logo
Search Icon

SOFONEA 2

2
Boipiletso ba hore setjhaba se bake
1“Lona tjhaba se hlabisang dihlong,
phuthehang, le kgobokane,
2nako e boletsweng e eso fihle,
tsatsi leo le le fefola sa mmoko;
pele kgalefo ya Morena e le fihlela,
tsatsi la kgalefo ya Morena
le le tjhabela.
3Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,
lona ba mamelang taelo ya Morena,
batlang Morena, le mmatlisise.
Batlang ho loka,
le batle boikokobetso;
mohlomong le ka sireletseha
mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”
Morena o tla otla Bafilesita
4“Baahi ba Gasa ba tla e baleha,
Ashekelone e sale e le masupi.
Baahi ba Ashedode
ba tla phaladiswa,
ba phaladiswe
hara motsheare wa lengeta,
Ekerone yona ebe e a ripitlwa.
5Le madimabe lona
ba ahileng bopong la lewatle,
le madimabe lona tjhaba sa Bakerete!
Morena ke yena ya o qosang,
wena Kanana, naha ya Bafilesita,
ke tla o ripitla,
ho be ho hlokwe le masalla.
6Naha e bopong la lewatle
e tla ba makgulo,
e tla ba ya badisa le ya meraka.
7E tla ba ya masalla
a ba ntlo ya Juda,
moo a alosetsang
mehlape ya wona teng.
Mantsiboya a tla botha
ka matlung a Ashekelone,
Morena Modimo wa wona,
a a baballe,
a a buseletse boiketlo ba wona.”
Kahlolo ya Bamoabe le Baamone
8“Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile,
nyefolo tsa Baamone
le tsona ka di utlwa,
ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka,
ba ithorisetsa
ho kena meeding ya sona.
9Ka baka leo, ke a hlapanya,”
ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele.
“Moabe e tla ba jwaloka Sodoma,
Amone yona e be jwaloka Gomora,
naha e tletseng bobatsi
le matjheko a letswai,
naha e fetohileng nanaola
ya mehla yohle.
Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela,
ba phonyohileng ba tjhaba sa ka
ba e hape.
10Ona ke moputso
wa boikgohomoso ba bona,
kaha ba hlapaotse tjhaba
sa Morena wa mabotho,
ba se hlapaola ba ba ba ithorisa.
11Ho bona Morena o tla tshabeha,
a fedise medingwana yohle ya lefatshe.
Tjhaba tsohle tse mabopong
di tla mo kgumamela,
motho ka mong
a mo kgumamele a le ha habo.”
Kahlolo ya Bakushe
12“Le lona Bakushe
le tla timetswa,
sabole ya Morena e le bolaye.”
Kahlolo ya Baasiria
13Morena o tla otlolla tsoho la hae,
a le otlollele leboya,
a le otlolle, a timetse Asiria,
a timetse Ninife, e fotohe nanaola,
e sale e omeletse e ka lehwatata.
14Mohlape o tla botha hona moo,
le phoofolo tsa naha
ka mefuta ya tsona.
Sephooko le sephookwana
di tla robala teng,
di robale kahodima ditshiya,
tshiya tse ntseng di eme;
bo-makgohlo ba hihitse
ba le difesetereng,
kupukupu ya mobu
e thibile menyako,
hobane kedare tsa yona
di tla be di wele.
15Ke wona motse wane o motlehadi,
o neng o ituletse ka kgotso,
o neng o ikgohomosa ka ho re:
“Ke nna feela, ha ho na e mong.”
O fetohile lesupi le lekaakang!
O fetohile letsaba la dibatana!
Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla,
ba letsa molodi, ba opa diatla!

Currently Selected:

SOFONEA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy