YouVersion Logo
Search Icon

SAKARIYA 13

13
Baahi ba Jerusalema ba tla hlwekiswa
1“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.
2“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena. 3Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: ‘O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.’ Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.
4“Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse. 5O tla re: ‘Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.’ 6Haeba e mong a ka mmotsa, a re: ‘Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao?’ O tla araba, a re: ‘Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona.’ ”
Taelo ya ho bolaya modisa wa Modimo
7“Tsoha, wena sabole,
o lwantshe modisa wa ka,
o lwantshe yena ya haufi le nna!”
ho rialo Morena wa mabotho.
“Otla modisa,
dinku di tle di qhalane;
nna ke tla otla le dikonyana.
8Hara naha yohle,”
ho rialo Morena,
“ke tla otla
karolo tse pedi tsa mohlape,
ke di otle, ke be ke di timetse,
ya boraro yona e sale e phela.
9Ena ya boraro
e tla feta hara mollo,
ke e hlwekise
sa silefera ha e hlwekiswa,
ke e hlahlobe
sa kgauta ha e hlahlojwa.
Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna,
jwale nna ke tla se araba, ke re:
‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’
mme sona se tla bolela, se re:
‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”

Currently Selected:

SAKARIYA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy