YouVersion Logo
Search Icon

TITE 3

3
Tiisetsa mesebetsing e metle
1Hopotsa batho hore eka kgona ba ikokobeletse babusi le ba neilweng matla, ba ba mamele, ba itokisetse mesebetsi yohle e lokileng. 2Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.
3Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane. 4Empa yare mohla ho bonahalang molemo wa Modimo, Mopholosi wa rona, le lerato la hae ho batho, 5a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona. 6Moya oo Modimo o o theoletse hodima rona ka bongata, ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona, 7e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng. 8Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.
9Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela. 10Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena. 11Tseba hore ya jwalo o senyehile, ke moetsadibe, o se a ikahlotse.
Ditaelo tse newang Tite le ditumediso
12Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng. 13Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho. 14Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.
15Bohle bao ke nang le bona ba a o dumedisa. Le wena o dumedise bao e leng metswalle ya rona ka baka la tumelo.
Mohau o ke o be le lona bohle.

Currently Selected:

TITE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy