YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 8

8
Ho kgomarollwa sebitielo sa bosupa
1Eitse ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bosupa, lehodimong ha kgutsa nako e ka bang halofo ya hora.
2Yaba ke bona mangeloi a supileng, a emeng kapele ho Modimo, a newa diterompeta tse supileng.
3Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone. 4Mosi wa mokubetso, hammoho le dithapelo tsa bahalaledi, wa nyolohela ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi. 5Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.
Ho letswa diterompeta tse tsheletseng
6Jwale mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa.
7La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.
8Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi, 9karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang lewatleng ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timetswa.
10Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba. 11Lebitso la naledi eo ke Lengana. Karolo ya boraro ya metsi ya baba jwaloka Lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ka baka la ho nwa metsi ana a mabe.
12Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.
13Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la ntsu e fofang hodimodimo sebakeng, e bua ka lentswe le phahameng, e re: “Ho madimabe! Ho madimabe! Ho madimabe baahi ba lefatshe, ka baka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!”

Currently Selected:

TSHENOLO 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy