YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 7

7
Ho tshwauwa ba 144 000 ba bana ba Iseraele
1Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe. 2Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle, 3la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.” 4Ka utlwa ho bolelwa palo ya ba tshwailweng e le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tswang melokong yohle ya bana ba Iseraele.
5Lelokong la Juda ho ne ho
tshwailwe ba dikete tse leshome le
metso e mmedi;
lelokong la Rubene, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Gade, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
6lelokong la Asere, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Nafthali, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Manase, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
7lelokong la Simeone, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Levi, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Isakare, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
8lelokong la Sebulone, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Josefa, ba dikete tse
leshome le metso e mmedi;
lelokong la Benjamine, ba dikete
tse leshome le metso e mmedi.
Letshwelehadi le tswang ditjhabeng tsohle
9Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona. 10Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re:
“Tlholo ke ya Modimo wa rona
ya dutseng teroneng,
le ya Konyana.”
11Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo, 12a re:
“Amen. Thoriso, le tlotla,
le bohlale, le teboho, le hlompho,
le borena, le matla
di ke di be ho Modimo wa rona
kamehla le mehla! Amen.”
13Jwale e mong wa baholo a mpotsa, a re: “Ke bo-mang baa ba apereng diaparo tse tshweu? Ba tswa kae?”
14Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.”
A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.
15“Ke ka lebaka leo ba emeng
kapele ho terone ya Modimo,
mme ba mo sebeletsa
motsheare le bosiu
ka tempeleng ya hae.
Ya dutseng teroneng
o tla ba sireletsa
leahong la hae.
16Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
kapa ba nyorwa;
ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
kapa lebatama lefe kapa lefe,
17hobane Konyana
e bohareng ba terone
e tla ba disa,
e ba ise didibeng
tsa metsi a bophelo.
Modimo o tla hlakola
meokgo yohle mahlong a bona.”

Currently Selected:

TSHENOLO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy