YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 6

6
Ho kgomarollwa dibitielo tse tsheletseng
1Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!” 2Ka tadima, mme ka bona pere e tshweu, ya e palameng a tshwere seqha. Yaba o newa mofapahlooho, mme a tsamaya e le ya hlotseng, ya tla nne a hlole.
3Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bobedi, ka utlwa sebopuwa sa bobedi se phelang, se re: “Tloo!” 4Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi.
5Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae. 6Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.”
7Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa sa bone se phelang, le re: “Tloo!” 8Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.
9Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona. 10Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?” 11Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala.
12Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi, 13mme dinaledi tsa lehodimo tsa wela fatshe, jwalokaha sefate sa feiye se hlohlora ditholwana tsa sona tse eso butswe, ha se tsukutlwa ke sefefo. 14Lehodimo la meneha jwaloka buka ha e kwalwa, mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsa suthiswa ditulong tsa tsona.
15Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba. 16Ba re ho dithaba le ho mafika: “Re weleng hodimo, le re pate, hore re se ke ra bonwa ke ya dutseng teroneng, le re phemise kgalefo ya Konyana, 17hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le fihlile, mme ke mang ya ka pholohang ho lona?”

Currently Selected:

TSHENOLO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy