YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 17

17
Seotswa se seholo le sebatana
1Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle, 2seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”
3Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome. 4Mosadi eo o ne a apere diaparo tse perese le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe. Ka letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta, se tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae. 5Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.” 6Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu.
Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo. 7Yaba lengeloi le re ho nna: “O hloletswe keng? Ke tla o hlalosetsa sephiri sa mosadi, le sa sebatana seo a se palameng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome. 8Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.
9“Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng; 10tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela. 11Sebatana se neng se le teng, se seng se le siyo, ke kgosi ya borobedi, e balellwang le tse ding tse supileng, mme e yang timelong.
12“Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke dikgosi tse leshome, tse esong ho buse, empa tse tla ba le kabelo pusong ya sebatana ka nako ya hora e le nngwe feela. 13Dikgosi tsena di na le morero o le mong, e leng ho sebeletsa sebatana ka matla a tsona le ka borena ba tsona. 14Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.”
15Lengeloi la nto re ho nna: “Lewatle leo o le bonang, moo seotswa se ahileng teng, ke ditjhaba, le matshwele, le merabe, le ba dipuopuo. 16Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong. 17Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala. 18Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo, o busang dikgosi tsa lefatshe.”

Currently Selected:

TSHENOLO 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy