YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 94

94
Modimo o a phetetsa
1Morena,
wena Modimo ya phetetsang,
ako iponahatse,
wena Modimo ya phetetsang.
2Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe,
o nee baikgohomosi
moputso wa bona.
3Ba kgopo ba tla thaba
ho fihlela neng?
E tla ba ho fihlela neng, Morena?
4Ba a hehla, ba bua ka boikakaso,
bohle ba kgopo ba a ithorisa.
5Morena, ba hatakela setjhaba sa hao,
ba hatella bao e leng lefa la hao.
6Ba fenetha mohlolohadi le mojaki,
ba bolaya le dikgutsana.
7Ba re: “Morena ha a bone,
Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”
8Utlwisisang,
lona setjhaba sa mawatla;
dithoto ting! le tla hlalefa neng?
9Na ya entseng tsebe
a ke ke a utlwa?
Ya bopileng leihlo
na a ke ke a bona?
10Na yena ya kgalemelang ditjhaba
a ke ke a di otla,
yena ya rutang batho bohlale?
11Morena o tseba mehopolo ya motho,
o a tseba hore ke lefeela.
12Morena, ho lehlohonolo motho
eo o mo kgalemelang,
eo o mo rutang ka Molao wa hao,
13hore o tle o mo kgatholle,
o mo kgatholle matsatsing a mabe,
ha ba kgopo bona
ba tjhekelwa lemena.
14Morena a ke ke a furalla
tjhaba sa hae,
a ke ke a lahla
bao e leng lefa la hae.
15Dikahlolo
di tla boela di etswa ka toka,
bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.
16Ke mang ya tla ntshireletsa
ho ba kgopo?
Ke mang ya tla mpuella
ho ba bolotsana?
17Hoja Morena a se ke a nthusa,
nka be ke se ke robetse lebitleng.
18Moo ke reng:
“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.
19Ha pelo ya ka e touta haholo,
matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.
20Na o ka ba le kopano le baahlodi,
baahlodi ba kgopo,
ba fetolang bobe molao?
21Ba ikopanya mmoho
ho fedisa bophelo ba ya lokileng,
ba ahlolela ya se nang molato lefu.
22Empa Morena
ke qhohosheane ya ka,
Modimo wa ka ke lefika
leo ke tshabelang ho lona.
23O tla ba buseletsa bokgopo ba bona,
a ba timetse
ka baka la bobe ba bona.
Morena Modimo wa rona,
o tla ba timetsa.

Currently Selected:

DIPESALEMA 94: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy