YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 83

83
Modimo a qhale dira tsa hae le tsa Iseraele
1Pesalema ya Asafo. Sefela.
2Oho, Modimo,
o se ke wa ipha tshwea;
se kgutse, Modimo,
se kgobe matshwafo.
3Bona, dira tsa hao di a rora,
ba o hloileng ba tsosa mohlahla.
4Ba lohela setjhaba sa hao mano,
ba kunuta bao o ba sireleditseng.
5Ba re: “Tloong, re ba fedise,
e se hlole e eba setjhaba,
bitso la Iseraele
le se hlole le hopolwa.”
6Ba rerisana ba le pelonngwe,
ba entse selekane ho o lwantsha:
7Baahi ba Edomo le Baishemaele,
Bamoabe le Bahagare,
8Bagebale le Baamone le Baamaleke,
Bafilesita le baahi ba Tire,
9le ba Asiria ba ikopantse le bona;
ba thusana le bana ba Lota.
10Ako ba etse jwaloka ba Midiane,
o ba etse jwaloka Sisera,
le Jabine nokaneng ya Kishone,
11ba neng ba timele Ene-Dore,
ba fetoha moitedi mobung.
12Etsa hore marena a bona
a tshwane le Orebe le Seebe,
mahosana wohle a bona
a tshwane le Seba le Salemuna,
13ba neng ba ile ba re:
“A re ikgapeleng
naha ya Modimo, e be ya rona.”
14Oho, Modimo wa ka,
ako etse hore ba tshwane
le ditlhokwa setsokotsaneng,
ba tshwane le mmoko moyeng.
15Jwalokaha mollo o tjhesa moru,
le hlaha e hotetsa dithaba,
16ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo,
o ba tshose ka sefefo sa kganyapa.
17Etsa hore difahleho tsa bona
di aparelwe ke dihlong,
e le hore ba o batle, wena Morena.
18Ba ke ba hlajwe ke dihlong,
ba tshohele ruri,
ba tlontlolohe, mme ba timele.
19Ba tsebe hore ke wena feela Morena,
Morena, Ya Hodimodimo
ya okametseng lefatshe lohle.

Currently Selected:

DIPESALEMA 83: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy