YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 78

78
Modimo le setjhaba sa hae
1Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto.
Lona tjhaba sa ka,
mamelang thuto ya ka,
sekehelang dipolelo tsa ka tsebe.
2Molomong wa ka ho tla tswa maele,
ke bolele dilotho tsa boholoholo.
3Tseo re di utlwileng, ra di tseba,
e leng tseo re di phetetsweng,
ra di phetelwa ke bo-ntata rona.
4Ha re na ho di patela bana ba bona,
empa re tla phetela moloko o tlang
dithoko tsa Morena, le matla a hae,
le dimakatso tseo a di entseng.
5O ile a fa leloko la Jakobo ditemoso,
a beela Iseraele Molao;
a laela bo-ntata rona
ho o tsebisa bana ba bona,
6hore o tle o tsejwe
ke meloko e tlang,
le ke ba tlang ho tswalwa,
bona ba tle ba o phete
ba o phetele bana ba bona,
7e le hore le bao
ba tle ba tshepe Modimo,
ba se ke ba lebala
mesebetsi ya Modimo,
ba mpe ba boloke melao ya hae.
8Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona,
bao e bileng moloko o manganga,
moloko wa befetohedi;
moloko oo maikutlo a wona
a neng a sa tsepama,
moloko oo moya wa wona
o sa tshepahaleng ho Modimo.
9Bana ba Efraime,
leha e ne e le ditsebi
ho fula ka diqha,
ba na ba baleha
mohla letsatsi la ntwa.
10Ha ba a ka ba boloka selekane,
selekane sa Modimo,
ba hana ho tsamaya
ka Molao wa hae.
11Ba lebala diketso tsa hae,
ba lebala le dimakatso tsa hae,
tseo a ba bontshitseng tsona.
12Naheng ya Egepeta,
thoteng tsa Sowane,
a etsa dimakatso pontsheng,
pontsheng ya bo-ntata bona.
13A phatlola lewatle ka lehare,
a ba tshedisa,
a emisa metsi jwaloka qubu.
14Motsheare a ba etella pele ka leru,
bosiu bohle ka kganya ya mollo.
15A petsola mafika lehwatateng,
a ba fa metsi a mangata,
metsi a kang a bodiba;
16a kollisa melatswana lefikeng,
a phallisa metsi
jwaloka hoja ke a noka.
17Empa ba nna ba eketsa
ho mo sitelwa,
ba fetohela Ya Hodimodimo,
ba mo fetohela
ba le naheng e tshehla.
18Pelong tsa bona ba leka Modimo,
ba batla dijo tseo ba di lakatsang.
19Ba hanyetsa Modimo, ba re:
“Ebe Modimo a ka hla a tseba
ho re lokisetsa dijo
lehwatateng moo?
20Ke nnete, o ile a otla lefika,
metsi a phutsalla,
le dinokana tsa phorosela;
ebe a ka tseba ho re fa bohobe,
le ho fepa tjhaba sa hae nama?”
21Yare Morena ha a utlwa a halefa,
malakabe a mollo a laima,
a laimela ba leloko la Jakobo,
kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;
22hobane ba ne ba sa dumele,
ba sa dumele ho Modimo,
ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.
23Yaba o laela maru a mahodimo,
o bula menyako ya mahodimo;
24a ba nesetsa manna
e be dijo tsa bona,
a ba nea koro ya lehodimo.
25Motho a ja bohobe ba mangeloi,
a ba fa kgora ya dijo.
26Hodimo sebakeng a fokisa moya,
a fokisa moya wa botjhabela,
ka matla a hae
a tlisa moya wa borwa;
27a ba nesetsa nama
jwalokaha eka ke lerole,
le nonyana tse fofang,
jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle,
28a di theolela kahara diahelo tsa bona,
ho potapota ditente tsa bona,
29ba eja, ba kgora haholo;
a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.
30Yare ba eso kgotsofatse
takatso ya bona,
ba sa ntse ba entse methamo,
31kgalefo ya Modimo
ya ba wela hodimo,
a bolaya dikwankwetla tsa bona,
bahlankana ba Iseraele
a ba rapalatsa,
a ba rapalatsa fatshe.
32Leha ho le jwalo,
ba nnile ba mo sitelwa,
ba se ke ba dumela
dimakatso tsa hae.
33Yaba o fedisa matsatsi a bona
o a fetola lefeela,
lemo tsa bona
ya eba tsa matshabeho.
34Eitse ha Modimo a ba bolaya,
ba qala ho mmatla,
ba kgutlela ho yena,
ba mmatla hape;
35ba boela ba hopola
hore Modimo ke lefika la bona,
Modimo Ya Hodimodimo
ke molopolli wa bona.
36Ba ne ba ye ba mo qekise
ka melomo ya bona,
ba mo thetse ka maleme a bona;
37athe ba ne ba sa tshepahale,
ba sa tshepahale ho yena,
ba sa tshepahale selekaneng sa hae.
38Empa yena,
ka ho ba utlwela bohloko,
a ba tshwarela molato wa bona,
a se ke a ba timetsa;
ka makgetlo
a kokobetsa kgalefo ya hae,
bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.
39A hopola hore ke ba nama le madi,
ke moya o ikelang,
moya o ke keng wa hlola o kgutla.
40Ke hakae ba ileng ba mo fetohela,
ba mo fetohela feelleng,
ba mo kgopisa lehwatateng!
41Ba nna ba leka Modimo kgafetsa,
ba utlwisa Ya Halalelang bohloko,
Ya Halalelang wa Iseraele!
42Ba lebala matla a letsoho la hae,
le letsatsi leo ka lona
a neng a ba lopolle
direng tsa bona,
43ha a ne a etsa
dipontsho tsa hae Egepeta,
le dimakatso tsa hae
naheng ya Sowane.
44A fetola metsi a dinoka tsa bona,
a a fetola madi,
le a melatswana ya bona,
hore ba sitwe ho nwa.
45A ba romela diboba tsa ba loma,
le dihohwana tsa ba senyetsa.
46Masimo a bona a a neella seboko,
tholwana tsa mosebetsi wa bona,
tsa jewa ke ditsie.
47Morara wa bona a o senya ka sefako,
le fate tsa bona tsa feiye ka lebabo.
48Dikgomo tsa bona
a di bolaya ka sefako,
le mehlape ya bona ka letolo.
49A ba futuhela ka kgalefo e tukang,
ka bohale, le makwebeta,
le ka matshwenyeho;
a ba romela mangeloi a timetsang.
50A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae,
leha e le ho ba phemisa lefu;
a ba bolaya ka lefu la sewa.
51A bolaya matsibolo wohle a Egepeta,
bana ba matswathaka,
ba metlotlwane ya Kama.
52Jwale a kganna tjhaba sa hae,
a se kganna jwaloka dinku,
a se tsamaisa lehwatateng,
a se tsamaisa jwaloka mohlape.
53A ba etella pele ba sireletsehile,
tshabo ba se na yona,
dira tsa bona
tsa kwahelwa ke lewatle.
54A ba fihlisa naheng ya hae,
naheng e halalelang,
le thabeng eo a ikgapetseng yona,
a e hapa ka tsoho la hae le letona.
55A leleka ditjhaba pela bona,
a ba sehela
moo e tla ba lefa la bona,
a ahisa meloko ya Iseraele,
a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.
56Empa ba leka Modimo
Ya Hodimodimo,
ba mo leka ka ho mo fetohela,
ba se ke ba mamela
ditemoso tsa hae;
57ba kweneha, ba hloka botshepehi,
ba bo hloka jwaloka bo-ntata bona,
ba kgutlalla
jwaloka seqha se sa tiyang.
58Ba mo phephetsa
ka ho ikahela dibaka tsa borapedi,
ba mmakela lefufa
ka medimo ya bona,
medimo ya bona ya bohata.
59Ha Modimo a bona hoo, a halefa;
a lahla Iseraele ho hang.
60Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo,
e leng tente eo a neng a e hlomile,
a e hlomile hara batho.
61Areka ya selekane sa hae a e tlohela,
a e tlohella ho haptjwa,
areka e bonahatsang tlotla ya hae
ya wela matsohong a sera.
62A tlohela tjhaba sa hae,
a se tlohella ho bolawa ka sabole,
a halefela bao e leng lefa la hae.
63Mollo wa timetsa
bahlankana ba bona,
barwetsana ba se ke ba binelwa,
ba binelwa pina tsa lenyalo.
64Baprista ba bona
ba bolawa ka sabole,
bahlolohadi ba se ke ba bina,
ba bina kodi-ya-malla.
65Jwale Morena a phaphama
jwalokaha eka o ne a kgalehile,
jwaloka mohale ya neng a tahilwe.
66A otla dira tsa hae dibonong,
tsa hlajwa ke dihlong
ka ho sa feleng.
67Yaba o lahla motlotlwane wa Josefa,
leloko la Efraime
a se ke a le kgetha;
68empa a kgetha leloko la Juda,
thaba ya Sione eo a e ratang.
69A haha Sehalalelo sa hae
a se haha jwaloka leaho la lehodimo,
jwaloka lefatshe leo a le theileng,
a e theetseng mehla yohle.
70A kgetha Davida, mohlanka wa hae,
a mo tlosa masakeng a dinku,
71a mo tlohedisa nku tsa ditswetse,
a mo disisa leloko la Jakobo,
tjhaba sa hae,
Iseraele eo e leng lefa la hae.
72Davida a ba disa ka pelo
e se nang kodi,
a ba tsamaisa ka letsoho le bohlale.

Currently Selected:

DIPESALEMA 78: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy